Dlamini-Zuma o tekena MoU le naha ya Lesotho mabapi le theolelo ya matla le puso ya dibaka

Letona la kopanelo ya puso le merero ya setso (COGTA), Dr Nkosazana Dlamini-Zuma, lebitsong la mmuso wa Afrika Borwa, o tekena tumellano ya ditshebedisano (MoU) le mmuso wa Lesotho mabapi le tshebedisano-mmoho lekaleng la theolelo ya matla le puso ya dibaka.

MoU etekennweng ke letona Dlamini-Zuma le letona la mebuso ya lehae naheng ya Lesotho, Moshe Leoma e atolosa tshebedisano-mmoho mafapheng a theolelo ya ditjhelete, moralo o kopaneng wa ntlafatso, ntshetsopele ya mmuso wa selehae le ditheo tsa puso, ntlafatso ya basebetsi, le fapanyetsana mananeo ka makgotla kapa masepala.

Karolelano ya mebuso e se e sebedisitswe e le mokgwa wa ho kgothaletsa demokrasi le puso e sebetsang hantle.

Morao-rao, Dlamini Zuma o tekenne molao wa Tokiso ya Ditsamaiso tsa Mebuso ya Dimasepala, wa 2022 (Local Government: Municipal Systems Amendment Act, 2022), mme ya amohelwa ke Mopresidente Cyril Ramaphosa ka la 16 Phato.

Dlamini-Zuma o itse ketso ena ke karolo ya letoto la melao e reretsweng ho etsa bonnete ba hore bomasepala ba sebetsa hantle le ka bokgabane.

Ho feta moo, molao ona o hanela bahlanka ba masepala ho tshwara maemo a dipolotiki.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights