Sehlopha sa molao sa Mopresidente wa mehleng Jacob Zuma se tlabe se eme ka pele ho lekgotla la dinyewe Mangaung, Bloemfontein kajeno.
Baakgente ba Zuma ba qosa balekane ba bona ba Democratic Alliance (DA), Helen Suzman Foundation le AfriForum lekgotleng le ka Hodimo-dimo la boipiletso.
Helen Suzman Foundation, AfriForum le DA di batla hore qeto ya parola e behellwe ka thoko.
Zuma o ile a fuwa parola ya bongaka selemong se fetileng ka Lwetse, kamora ho qeta dikgwedi tse pedi feela tjhankaneng ya dikgwedi tse 15 tseo lekgotla la molao wa motheo le ileng la mo jabela ka lenyatso.
Boemo ba Zuma ke hore ho kwallwa ha hae tjhankaneng ha ho a lokela ho ama ditokelo tsa hae tsa ho fumana phekolo e lekaneng le hore a se ke a fuwa kotlo e sehloho le e nyenyefatsang.




