NATJOINTS e tlo netefatsa dikgetho tsa kgotso, ho bolela motlatsi wa khomishenara ya naha ya sepolesa

Setheo sa Tshireletso sa Naha se Kopanetsweng sa Tshebetso le Bohlale (NATJOINTS) se netefaditse maAfrika Borwa hore ho lokisitswe tikoloho e loketseng bakeng sa dikgetho tse tlang ka la 29 Motsheanong, hore tsamaiso ya dikgetho e tlaba na le kgotso.

“Jwalo ka ba NATJOINTS, re na le tshepo ya hore mehato e seng e entswe e lekane ho netefatsa hore dikgetho tse akaretsang tse tlang tsa naha di tswela pele ntle le diketsahalo tsa botlokotsebe le ditshitiso,” ho rialo Motlatsi wa Mokhomishenara wa Naha wa Sepolesa sa Afrika Borwa, Tebello Mosikili.

Mosikili o ne a bua ka Sontaha Pretoria, porofenseng ya Gauteng nakong ya puisano le boraditaba.

NATJOINTS e teletswe pele ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS), Sesole sa Tshireletso ya Naha ya Afrika Borwa (SANDF) le Setheo sa Tshireletso ya Naha (SSA).

Ka la 29 Motsheanong, maAfrika Borwa a tla boela a fumana monyetla wa ho sebedisa tokelo ya bona ya ho kgetha dikgethong tsa 2024 tsa Naha le tsa Diporofense, tse tshwayang dikgetho tsa bosupa tsa naha ya demokerasi.

“Toro ya polokeho le tshireletseho ya Dikgetho tse Akaretsang tsa 2024 e phethetswe. Mokgahlelo wa tshebetso o tla qala ho tloha ka Laboraro, la 22 Motsheanong 2024 ka ho kenya tshebetsong Setsi sa Kgokahano ya NATJOINTS, ho fihlela la 9 Phuptjane 2024.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights