Natjoints e re batho ba 550 batshwerwe nakong ya merusu- ba 64 batshwerwe Foreistata

Ho ya ka National Joint Operational and Intelligence Structure (NATJOINTS), palo ya batho e ka fetang 550 e tshwerwe ka mora ho nka karolo mohantong wa ‘National Shutdown‘ o neng o hlophisitswe ke mokgahlo wa bohanyetsi, Economic Freedom Fighters (EFF), ka Mantaha, Hlakubele 20.

Makgolo-kgolo a baipeletsa ba ile ba tlala le naha moo teng ba neneng ba ipeletsa mabapi le ho kgaoha ha motlakase le ho hwanta kgahlanong le MoPresidente wa setjhaba, Cyril Ramaphosa hore a itokolle mosebetsing wa hae.

Natjoints e tshwere baipelaetsi ba fetang 550 hara tse ding bakeng sa pefo ya setjhaba, ditshoso, tshenyo ya meaho ya bohlokwa, boshodu le diteko tsa ho tlatlapa,” National Joint Operational and Intelligence Structure e boletse polelong ya Mantaha bosiu.

Ho ya ka Natjoints, palo ya batho ba 64 ba ile ba tshwarwa Foreistata.

Ho ba tshwerweng, Gauteng e tlalehile palo e phahameng ka ho fetisisa ya batshwaruwa ba 149.

Kapa Leboya e tlalehile palo ya bobedi e phahameng ka ho tshwerwe ba 95. Kapa Botjhabela hape ho ile ha tshwarwa baipelaetsi ba 80.

“Palo ya dithaere tse ileng tsa nkwa ka mahahapa naheng ka bophara e ntse e le 24 300. Tsena e ne e le dithaere tse neng di behiloe ka nepo bakeng sa diketso tsa botlokotsebe,” ho boletse Natjoints.

Sebueledi sa Natjoints Athlenda Mathe o theoleditse mosebetsi o motle o entsweng ke SAPS: “karabelo e potlakileng ya ditho tsa Tshebeletso ya Sepolesa ya SA le ditheo tse ding tsa molao mabapi le dikgetsi tsa botlokotsebe bo nkang monyetla”.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights