EFF e itokisetsa ho kena letsholong la bona la manifesto masepaleng wa Metsimaholo

Mokga wa Economic Freedom Fighters (EFF) o buellang tekatekano setjhabeng mme ha ngata o rata maikutlo a tokoloho setjhabeng, o kena tlhodisanong ya taolo ya profense ya Foreistata dikgethong tse tlang tse akaretsang ka di 29 Motsheanong.

Ka mora katleho ya ho thakgola letsholo la bona la manifesto wa naha, lebaleng la dipapadi le neng le
tletse tswete la Moses Mabhidha KwaZulu-Natal, mokga o ile wa ntshetsa pele manifesto wa bona
Gauteng ka la 2 Hlakubele.

Moetapele wa mokga Julius Malema o phatlaladitse maikemisetso a ka sehloohong a mokga puong ya
hae ya ho thakgola manifesto ka sepheo sa ho hapa ka mora dikgetho.

EFF profenseng ya Foreistata e phatlaladitse hore manifesto wa porofensi o tla nka sebaka ka di 17
Hlakubele, Multipurpose Centre Zamdela, mmasepaleng wa Metsimaholo.

Mokga profensing o boletse hore: “Re eme ntlheng ya hore mmuso wa EFF o tla netefatsa hore, o beha
ka sehloohong ho lokisa bokgoni ba tshireletso Afrika Borwa, re behe tlhokomelo ya pele ya bophelo bo
botle ka sehloohong, re boele re lwanele le basadi hore tlhekefetso ya bong e fele”.

Mokga o na e leng wa boraro o moholo Afrika Borwa o tla etsa letoto la diketsahalo ho matlafatsa
manifesto wa mokga o tla etsahala ka Sontaha.

Mmuelli wa naha wa EFF, Sinawo Thambo, o re diketsahalo di mmalwa tse tla etswa ho lebisa letsholong
lena la manifesto, moo Mopresidente Malema a tlang ho etsa puo ya hae ya manifesto wa mokga.

Dipalopalo tsa selehae di hlahisitse ha ANC e ka lahlehelwa ke botshehetsi bo bongata naheng, mme
sena ke tlhodisano e thata bakeng sa mekga ya bohanyetsi ho busa naha.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights