- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Letona la tsa di tjhelete, Enoch Godongwana, o fanne ka puo ya hae ya selemo le selemo ya dipehelo tsa di tjhelete tsa selemo sa 2024/25 ka di 22 Hlakola 2024.
Letona le hlalositse hore ho tsamaellana le sekgahla sa theko, ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba di tlo nyollwa.
Tjhelete ya dithuso tsa setjhaba ya maqheku, dikowa le batho ba sa kgoneng ho itlhokomela e tlo nyollwa ka R100, mme e be e arolwa ha bedi, R90 e tla kenyelletswa ho tloha ka Mmesa e be R10 e tla kenyelletswa ho tloha ka Phato.
Tjhelete ya dithuso ya dikgutsana e tla nyollwa ka R50 e be ya dithuso ya bana e nyollwa ka R20.
“Re hlokometse keketseho ya ditshenyehelo tsa bophelo ho MaAfrika Borwa a ka bang dimilione tse 19 a itshetlehileng ho dithuso tsena tsa di tjhelete ho ka iphedisa.
Kahoo, re sebetsa ka thata ho ntlafatsa di tjhelete tsa dithuso tsa batho ba sa sebetseng(SRD Grant), ka Mmesa selemong sena,” ho boletse Godongwana.
Motshwari wa matlotlo a naha o tla sebetsa le Lefapha la ntshetsopele ya setjhaba ho etsa bonnete ba hore imatlafatso di tjheleteng tseo di kenywa molaong.
Dimatlafatso tseo e tla ba tsa selemo sena. Ho e ntshetsa pele ho fihlela ho Hlakubele 2025, diphetoho di tla ba teng le mohlodi wa tjhelete eo o tla nkelwa qeto” ho boleletse Letona.



