Nkgono Dora Nombupelo ya dulang motseng wa Nyakallong, Allanridge o tlalehile setloholo sa hae se nyametseng Reitumetse Kabo ya dilemo di 16 ka la Boraro la 20 Hlakola 2024 ka phirimana.
mmueli wa sepolesa Lejweleputswa, Stephen Thakeng ore, Reitumetse o fihlile hae a tswa leetong la kereke, mme, o ile a fihlela phaposing ya hae ya ho robala mme a hlobola diaparo tseo a neng a di apere.
“O tsamaile hae a sa bua letho mme a sa nka le mokotla. Ha a so ka a kgutlela hae ho tloha tsatsing leo ho fihlela ho tlalehwa ho nyamela ha hae”, ho boletse Thakeng.
Thakeng o pheella ka hore faele ya motho ya lahlehileng e ngodisitswe bakeng sa dipatlisiso tse ding. “Dipatlisiso tse batsi di hlahisitse hore Reitumetse ke motswalle wa Maria Moyane(16) ya nyametseng Allenridge.”
“Ha mang kapa mang a kaba le lesedi le lebisang mehlaleng ya Reitumetse Koba, a ka letsetsa Dectective Constable Ditselako Moeketsi nomorong ya 078 705 3350 kapa 08600 10111, ” ho rialo Thakgeng.






