A na wa mo tseba? Thuso e koptjwa ho setjhaba ho fumana lelapa la ngwanana wa Welkom a fumanweng KZN

Sepolesa sa KwaMsane se kopa thuso ho sechaba ho fumana lelapa kapa beng ba ngoanana ya fumanweng sebakeng sa KwaMsane ka Labohlano, ka la 23 Phuptjane.

KwaMsane ke sebaka sa mahaeng ho masepala wa lehae wa Mtubatuba, ka leboya-botjhabela ba KwaZulu-Natal.

Ho ya ka muelli wa seponesa wa sebaka seo, mokapteni Sbusiso Mkhize, ngwanana e monyane o itsebisitse e le Jafta Oliphant, mme o bonahala a le dilemo tse ka bang 16.

“O boetse a re o tswa toropong ya Welkom, FS,” ho bolela Mkhize.

Ha ho tsejwe hore na ngoanana enwa o ne a etsa eng profinseng ea KwaZulu-Natal, kapa hore na o fihlile joang moo. Ke ka hoo seponesa se kopang thuso ho mang kapa mang ya ka thusang ho fumana lelapa la hae kapa beng ba habo.

Mang kapa mang ya nang le leseli le ka thusang seponesa a ka ikopanya le seponesa sa KwaMsane ho 0355519024/2025. Ho seng jwalo, ba ka sebelisa nomoro ea Crime Stop, 0860010111.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights