Ofisi ya Poso ya Afrika Borwa (South African Post Office) e kgothaleditse bareki ho sebedisa ditshebeletso tsa yona bakeng sa phetisetso ya tjhelete ya letsatsi le le leng, e fanwang le ho tswa Lesotho, Zimbabwe, Botswana, Nigeria, Mauritius, Kenya, Tanzania, Uganda, Malawi, Mozambique le eSwatini.
Tshebeletso ya phetiso ya tjhelete ya letsatsi le le leng e baballang ditjeo, e fumaneha posong efe kapa efe ya Afrika Borwa ho ya posong efe kapa efe naheng eo o yang ho yona.
Ditjhelete tse fetisitsweng di-tla fumaneha posong ya moo o yang naheng ya kantle ho letsatsi lona leo.
“Tshebeletso e fanwa ka Universal Post Union mme e laolwa ke International Financial System, e leng mokgwa o ikemetseng wa ho sebetsa le ho laola ditaelo tsa ditjhelete tsa matjhaba. Tsamaiso e dumellana le melao ya phapanyetsano, “poso e boletse ka Labobedi.
Khomishene ya tjhelete e romelwang Lesotho, Zimbabwe, Botswana, Nigeria, Mauritius, Kenya, Tanzania, Uganda, Malawi, Mozambique le eSwatini e tsamaya tjena:
- Ho fihla ho R500: R44,50
- R500.01 – R999.99: R66.60
- R1000 – R1999.99: R81,50
- R2000 – R5000: R103.60
“Madi a ka romelwa ho tswa posong efe kapa efe ya inthaneteng e Afrika Borwa mme a bokellwa posong efe kapa efe naheng e amohelang ka lona letsatsi leo. Tshebeletso ha e fumanehe ho baemedi ba poso.
“Tokomane ya boitsebiso kapa phasepoto, hammoho le bopaki ba bodulo, di hlokwa ho romela le ho lata tjhelete Afrika Borwa,” poso ya Afrikwa Borwa e boletse.




