Blade Nzimande o kgethwa jwalo ka modula-setulo wa naha wa SACP

Mongodi kakaretso wa mehleng wa SACP Blade Nzimande o hlomamisitswe ho ba modulasetulo wa naha wa mokga, kopanong e ntseng e tswela pele Gauteng.

Nzimande ya sebeleditseng mokga wa makomonisi jwalo ka mongodi-kakaretso wa ona ka dilemo tse 24 tse fetileng, o ile a hlahisa maikutlo a makatsang moo teng a ileng a hlalosa hore ha sa na kgahleho ya ho tswela pele ele mongodi-kakaretso wa mokgahlo.

Nzimande eo esale a le moetapele wa mokga le Letona la diminerale Gwede Mantashe ba ne ba tsekisana ka boemo ba modula-setulo, empa sehlohlolong, Nzimande o thontswe ele modula-setulo.

Ha Nzimande a kenella jwalo ka modula-setulo wa naha wa mokga, motlatsi wa mongodi kakaretso wa pele wa mokga Solly Mapaila o phatlaladitswe e le mongodi-kakaretso e motjha wa SACP moo teng a nkang marapo ho tswa ho Nzimande.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights