- Empowering futures: Samsung Innovation Campus graduates transform into future tech leaders - October 2, 2024
- DA condemns mayoral vehicle worth a whooping R700k - August 28, 2024
- Welkom residents live in fear after double shooting tragedy - August 18, 2024
Ha a bua ka thoko setsing sa dikgetho sa naha profenseng ya Gauteng, Moetapele wa African Congress for Transformation (ACT), Ace Magashule, o re ho bile le bobodu dikgethong tsa selemong sena.
Magashule o re ho na le dipelaelo dikgethong tsena, mme mokga wa hae o ile wa kenya kganyetso komisheneng e ikemetseng ya dikgetho (IEC) ya Afrika Borwa, moo teng a tlalehang hore ho bile le mabokose a dikgetho a patilweng.
Mongodi-kakaretso wa mehleng ya ileng a lelekwa wa ANC eo hape e leng tonakgolo ya mehleng profenseng ya Foreisetata, o re ho bile le moritaoke ka ha mokga wa hae o ile wa utswetswa dikgetho dibakeng tse fapaneng tsa profense tse akaretsang hara tseding; Bloemfontein, Welkom, Bethlehem, Kroonstad le Qwa Qwa.
Ha a fana ka lesedi, Magashule o re ba fumane hore sekolong sa Rearabetswe Primary, dikgetho tsa bona di behilwe ka thoko, moo ba ileng ba fumana dikgetho tse 600+ empa palo ya dikgetho tse tlalehilweng tsamaisong ya IEC e ne e le mashome a mane a metso e robong.”
“Motseng wa Sasol [IEC presiding officer] o ile a fumanwa ka mabokose a dikgetho, ha mmoho le Kroonstad le Bethlehem re ile ra fumana mabokose a dikgetho, ntho ena e bontsha feela hore sena ene e le ketso ya ho se dumelle ACT ho busa profenseng ya Foreisetata.
Motsemoholo Sebokeng, profenseng ya Foreisetata re fumane bopaki ba hore dikgetho tsa rona di utswitswe ke Action SA, baemedi ba mokga wa rona ba tiisitse sena,” ho rialo Magashule.
Magashule o re ba kentse boipelaetso ho IEC, mme hona jwale ba buisana le matona a bona a molao ka taba ena, kaha dumela hore ha ho a ka ha eba le dikgetho tse hlokang toka.
Ka ha palo ya dikgetho e se e le pheletsong, ACT e fumane dikgetho tse 18 170 e leng diphesente tse 0.12%, mme sena se supa hore ACT ha e no fumana setulo Palamenteng ya setjhaba ka ha ho hlokahala 0.25% ho fumana setulo ka Palamenteng.