QwaQwa Cricket Club e bontsha hore krikete ke papadi ya batho bohle

Batho ba bangata ba dumela hore Krikete ke papadi e bapalwang ke batho ba mmala o mosweu fela, empa QwaQwa Cricket Club e thehilweng ka 2011 Unvesithing ya Foreisetata, QwaQwa e pakahatsa hore taba eo ke tumelo feela.

Mothehi wa QwaQwa Cricket Club, Tumisang Setjhaba Mohlakoana o belelletse Kasi Voice News hore sepheo sa ho theha sehlopha sena ke lerato leo baithuti ba Unvesithi ya Foreisetata ba nang  le lona bakeng sa papadi ya Krikete empa ba sena monyetla wa ho e bapala.

Sehlopha sena se ile sa kena ho Thabo Mofumatsana District Cricket league yaba se qala ho bapala le di hlopha tse ding.

Mohlakoana o re papadi ya Krikete e na le menyetla e mengata bakeng sa batjha jwalo ka ho bapala dinaheng tse ding le ho fumana di scholarship bakeng sa ho ntshetsa dithuto pele ha fela ba ka e bapala ka bokgabane.

“Krikete ha e tshwane le dipapadi tse ding hobane e hloka o tsepamise maikutlo haholo  mme o be le kelo hloko ya dintho tsohle ha  o e bapala”, ho rialo Mohlakoana.

Mathata ao ba kopanang le ona ke ho hloka lebala leo ba bapallang ho lona ka hara QwaQwa mme sena se baka tshitiso bakeng sa ho ikwetlisa ka mehla. Hape se setisa kgolo le tswelopele ya sehlopha.

QwaQwa Cricket Club e fumana dithuso tsa tjhelete ho tswa  Univesithing ya Foreisetata le Cricket South Africa Grand.

“Phephetso e kgolo ke ho re tjhelete eo re e fumanang e kgona ho kwala maeto le reka disebediswa feela ka ha boholo ba disebediswa tsa papadi ya Krikete di fumaneha ka theko e hodimo,” ho bolela Mohlakoana.

QwaQwa Cricket Club e fihlelletse ho  ruta le ho medisa lerato la papadi ya krikete setjhabeng sa Qwaqwa. Sehlopha sena se rata ho iphumana se na le sehlopha sa basadi ba bapalang Krikete le ho bapala mose le mawatle ka moso.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights