Celtic Ladies e rekisitswe! Royal AM e phethela tumellano ya ho reka Bloemfontein Celtic Ladies FC

Rakgwebo, Shauwn ‘MaMkhize’ Mkhize, o boetse o entse kgato enngwe e kgolo hape, ka kamora hore a qetele tumellano ya ho reka Bloemfontein Celtic Ladies.

Ho ya ka ditlaleho, monga sehlopha sa Royal AM MaMkhize, o rekile boemo ba Bloemfontein Celtic Ladies FC bekeng ena efetileng, mme etlo thehwa Royal AM Ladies.

Sehlopha se tsebisitse hore, Celtic, e neng e bapala Hollywoodbets Super League, e se e tla fallela porofinsing ya KwaZulu-Natal.

Celtic, e tsebisitse hore SA Football Association (SAFA) e amohetse thekiso ya yona ho Royal AM, mme ho tlo fetola lebitso la sehlopha.

Ngwahola, MaMkhize o ile a reka sehlopha sa banna sa Bloemfontein Celtic ka di-milione tse 50, Celtic e ile ya fallela KwaZulu-Natal pele ho qala ha sehla se setjha sa DStv Premiership ka 2021.

Mkhize o itse sehlopha se tla bapala dipapadi tsa sona tse setseng jwalo ka Royal AM.

“Ho monate ho bona kamoo bolo ya maoto ya basadi e seng e qadile ho fihla mekgahlong e meholo ya Aforika,” ho boletse Mkhize.

“Ka keketseho ya matsete, tshehetso le ntshetsopele, sepheo sa nako e telele ke ho batalatsa mabala le balekane ba rona ba banna,” o boletse.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »