Young Africans e phepheditse ho ntshwa ha bona tlhodisanong ya CAF Champions League ka mora ho
shasharwa ke Mamelodi Sundowns, ka ho kenya tletlebo ya bona semmuso ho Confederation of African
Football (CAF).
Bomampodi bana ba Tanzania ba dumela ha hona le ‘kgonahalo ya tsamaiso e mpe le tokiso ya papadi’
leotong la bobedi la papadi ya dikotara tsa makgaolakgang ka di 5 Mmesa tse entseng hore ba hlolehe
ho finyella ho seka makgaolakgang.
Kgang ena e itshetlehile hodima thaho ya Sthephane Aziz Ki e bonahetseng e tlola mola wa mekwallo
empa ha e ya ka ya fuwa ntlha ke moletsaphala ya neng a tsamaisa papadi eo.
Yanga e dumela ha metjha e nepahetseng ya ho sebedisa VAR e sa latelwa, ba ipotsa dipotso ka diphoso tse entsweng ke balaodi ba papadi le hore na e ba papadi ha e ya qhekanyetswa.
Polelong ya bona eo ba e ntshitseng ka Labohlano, Yanga Chief e buile ka molao XVI wa CAF Champions League Regulations, ba pheha kgang ka hore sepheto sa papadi se entswe ka leeme.
“Re le baemedi ba Young Africans Sports Club re kenya tletlebo ena re ikamahantse le molao XVI wa CAF Champions
League Regulations jwalo kaha o matlafatswa nako le nako”.
Tletlebo ena e itshetlehile hodima se etsahetseng Pretoria, ha Sundowns e ne e bapala le Yanga, lebaleng la dipapadi la Tshwane-Loftus Veld. Yanga e lebelletse diphuputso tse entsweng ka boqhetseke ke CAF, le ho hlahlobisiswa hantle ha VAR, ho sheba hore na hona mefokolo e ileng ya susumetsa sepheto.
Boemo bona bo mpefatsa maemo hodima moya o fokang o seng monate bolong ya maoto ya dihlopha
tsa Afrika.
CAF e tobane le mosebetsi wa ho sesefa bopaki le hore ba fane ka kahlolo e bontshang botshepehi ba tlhodisano.
Barati le batshehetsi ba papadi ena ya bolo ya maoto ba emetse tswelopele ya diphuputso le pheletso bakeng sa hlopha tsena tse pedi ka mahlo a mafubedu.