Tataiso ya ho vouta: Dipampiri tse tharo tsa ho vouta

Kaha Afrika Borwa e tlo kena dikgethong tsa bosupa tsa Demokrasi nakong e ka tlase ho dibeke tse tsheletseng, bakgethi ba tla fumana dipampiri tsa dikgetho tse tharo le mong sena, mooo teng etlabe e le kgetlo la pele, ka ha pele ene ele dipampitshana tse pedi tsa dikgetho.

Electoral Commission (IEC) e kgothaleditse bakgethi ho hlahloba le ho tshwaea pampiri enngwe le enngwe ka ela hlooko pele ba e kenya ka lebokoseng la dikgetho.

“Boipiletso ba rona ho bakgethi ke ho hopola hore ba ka beha letshwao le le leng feela pampitshaneng e nngwe le e nngwe,” ho tlaleha IEC.

“Universal Ballot Template (UBT), eo ditekanyo tsa yona di tshwailweng kgahlanong le pampiri e telele ka ho fetisisa ya dikgetho, e tla fumaneha diteisheneng tsohle tsa dikgetho.

UBT e ka sebediswa ke batho ba sa boneng hantle, batho ba nang le bothata ba ho bala, le batho ba nang le maemo a motlakase le a neuron a sa dumelleng letsoho le tsitsitseng, ” ho boletse Mookamedi e Moholo wa Dikgetho wa IEC Sy Mamabolo.

MaAfrika Borwa a tla ya dikgethong ka la 29 Mphalane 2024 ho ya voutela baetapele ba tsamaiso ya bosupa.

Ho latela tokiso ya Molao wa Dikgetho, o tekennweng hore e be molao ka Mmesa 2023, bakgethi ba ingodisitseng ba dimilione tse 27.79 ba tla fumana dipampiri tse tharo tsa ho kgetha bonkgetheng ho ba emela Lekgotleng la Naha le Makgotla a Diporofense.

Dipampiri tse tharo tsa dikgetho ke tse latelang:

  • Lekgetho la Naha: kgetho ena e tla ba le lethathamo la mekga ya dipolotiki e tsekang ditulo tse 200 ka hara Seboka sa Naha. Voutu ena e tla sebediswa ho voutela mekga ya dipolotiki. Hajwale, ho na le mekga e 52.
  • Dikgetho tsa Lebatowa kapa Porofense ho isa ho Naha: e tla ba le mekga ya dipolotiki le bakgethwa ba ikemetseng ba tsekang ditulo tse behelletsweng poroneseng ka nngwe ya Seboka sa Naha. Bakgethi ba tla sebedisa khetho ena ho kgetha mokgwa wa dipolotiki kapa mokgethwa ya ikemetseng ho ba emela Sebokeng sa Naha.
  • Dikhetho tsa Porofense: kgetho ena e ikgetha ho porofense ka nngwe, mme e kenyelletsa mekga le bonkgetheng ba ikemetseng ba qothisanang lehlokwa le ditulo lekgotleng le leng le le leng la ketsamolao la porofense.
Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »