- R17 million in winnings and counting at Windmill Casino - October 20, 2025
- Baeti Food’s sweet taste of success - October 17, 2025
- CGCSA Summit 2025 Champions Agility and Innovation in the Consumer Goods - October 12, 2025
Puisanong ya morao-rao le lenaneong la Morning Live la SABC News, modula setulo wa mehleng ho SABC, ebile ele mothehi wa mokga wa dipolotiki wa African Content Movement (ACM) Hlaudi Motsoeneng o kgothaleditse nyollo ya meputso e tlase bakeng sa bahlwekisi le balebedi.
Ha a bua ho Morning Live ka Labone la la 18 Mmesa, Motsoeoeng o itse ha mokga wa hae wa dipolotiki (ACM) o ka nka puso, e tla be e le tlolo ya molao ho lefa batho tjhelete e ka tlaase ho R10 000.
O itse ha a tshepise mang kapa mang dimilione, leha ho le jwalo, e mong le e mong o tla fumana “moputso o phelang”.
“O ka se kgone ho lefa batho R10 000 ka kgwedi. Esita le mohlwekisi, kapa molemi. Mohlwekisi, o tla lefshwa R15 000 ka kgwedi,” ho rialo Motsoeneng.
Mookamedi enwa wa mehleng wa SABC o re batho ba batsho ba sokola mme ba lokelwa ke ho kgola hantle, ka ha ena, ha a ne a le SABC, ola etsa bonnete ba hore basebeletsi ba SABC ba kgola hantle.
Mekgahlo ya dipolotiki e tla lwana ntwa e kgubedi dikgethong tse tlang ka la 29 Motsheanong.





