Kabinete e ananetse Pampiri e Tshweu ya ho qetela ya boahi le tshireletso ya baphaphathehi

Pampiri e tshweu ya ho qetela e mabapi le boahi, bojaki, le tshireletso ya baphaphathehi e ananetswe ke kabinete mme e phatlaladitswe ke mmuso wa Afrika Borwa.

Letona la Merero ya Lehae Dr Aaron Motsoaledi o itse, kabinete e amohetse pampiri e tshweu ya ho qetela bekeng e fetileng ka Laboraro, mme ya phatlalatswa koranteng ya mmuso beke hamorao, maobane wa la 17 Mmesa.

Motsoaledi o buile sena maobane puisanong le boraditaba motsemoholo Tshwane, profenseng ya Gauteng.

Sena ke ho ya ka Letona la Ditaba tsa Lehae, Motsoaledi, ya ileng a tsebisa boraditaba ka Laboraro.

“Lefapha la Merero ya Lehae le ile la shebisisa ditlatsetso tsohle tsa molomo le tse ngotsweng ka hloko le ka nepo. White Paper ena ya ho qetela ke sehlahiswa sa dipuisano tse matla,” ho boletse Motsoaledi.

Kabinete e ananetse Pampiri e Tshweu ena ya ho qetela ka Laboraro la la 10 Mmesa…mme e phatlaladitswe Koranteng ya Mmuso…kajeno,” ho boletse Letona.

Motsoaledi o hlalositse hore lekala le fumane karabelo e kgolo haholo ba hore setjhaba se fane ka maikutlo.

“Dikarabo di bile ngata haholo. Batho ka bomong, e leng baahi, ba batlang setshabelo le baphaphathehi hammoho le dihlopha tse thahasellang setjhaba, mafapha a naha le a puso ya dibaka, ditonakholo, ditsi tsa dipatlisiso, mekga ya dipolotiki, [dihlopha tsa matjhaba]…le ba bang ba bangata ba ile ba utlwa mantswe a bona le ho fana ka maikutlo a hahang,” ho rialo Motsoaledi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights