Mahlo ohle a shebile makgaolakgang a Mohope wa Tonakgolo ya Foreisetata

Nakong ya Puo ya Boemo ba Profense ya 2024 Tonakgolo ya Foreisetata, Mxolisi Dukwana, o ile a etsa phatlalatso ya hore Profense ya Foreisetata e tla tshwara tlhodisano ya bolo ya maoto ka tjantjello ya ho kgothaletsa bolo ya maoto ya boqhetseke Profenseng.

Dukwana o thakgotse tlhodisano ya bolo ya maoto ya banna ba Profinse e nang le phaello e ngata motsemoholo Mangaung, Bloemfontein ka la 20 Hlakubele.

E tsejwang e le Premier’s Cup mme e na le dihlopha tse 16 ho ABC Motsepe League, tlhodisono ena e fana ka tjhelete e kaalo ka di milion tse 1,6.

Sehlopha se seng le se seng se tiiseditswe R100 000, e leng tefiso ya ho nka karolo; ha ba bararo ba qetellang sethaleng ba kentse R200 000, R100 000, le R75 000 ka ho latellana. Sehlopha se qetang sebakeng sa bone se tla fumana R25 000.

“Papadi e mabapi le ho etsa seo o se ratang, mme takatso e tlameha ho ba letshwao le kgothatso ho ba bang. Lefatsheng ka bophara, batho ba fumanang tjhelete e ngata ba dipapading. Ba hweba ka talente ya bona ho ba nolofalletsa ho iphedisa le malapa a bona. Thonamente ena ke mohato wa pele wa ho fetola dipapadi ka kakaretso profenseng ena hore e be indasteri,” ho boletse Dukwana.

Ka mora dipapadi tse pedi tse bapetseng ka Labohlano la la 22 Hlakubele le Sontaha, dihlopha tse ntseng di le peisong ya ho hapa moqhaka wa pele ke, Bloemfontein Celtic kgahlano le Sibanye Golden Stars, le Spartans khahlano le Super Eagles.

Makgaolakgang a ho nka qeto ya bahlodi ba bararo e tla bapalwa ka Moqebelo, 30 Hlakubele ka 16:00, motsemoholo Mangaung.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights