Seponesa sa Foreisetata se theholeditswe ka ho lwantsha botlokotsebe Profenseng ka bophara

Ho latela tlhahlobo ya baahi ba lefatshe ka bo phara, Aforika Borwa e na le palo ya boraro ya botlokotsebe lefatsheng. E na le palo e phahameng haholo ya ditlhaselo, peto, dipolao le ditlōlo tse ding tse se seng molaong.

Afrika Borwa ke enngwe ya dinaha tse nang le peto e phahameng ka ho fetisisa lefatsheng. Hoya ka dipatlisiso tsa Lekgotla la Afrika Borwa la Dipatlisiso tsa Bongaka, banna ba fetang ho nngwe ho ya ho ba bane, ba dumetse melato ya bona ya ho beta.

Bahlanka ba Seponesa sa Foreisetata ba sebetsang ka thata ba thoholeditswe ka mesebetsi ya bona ka ho tshwara ditlokotsebe. Ba etsa tsohle se matleng a bona ho fokotsa sekgahla sa botlokotsebe Afrika Borwa.

Nakong ya tshebetso e tshwanang e ileng ya etswa ho pholletsa le Profense ya Foreisetata, tshebetso ya ho sala morao le ho paterola ha batho ba bangata ho ile ha lebisa ho tshwareng ha babelaellwa ba fetang 1 200.

Ho ya ka sajene Mahlomola Kareli, dipakeng tsa la 18 Phuptjane le la 02 Phupu 2023, ho ile ha etswa matshwao a mekgwa e fapaneng ho lwantsha ditlolo tsa molao tse neng di atile tse kenyeletsang ho ba le dithunya tse seng molaong, polao, peto, boshodu ba dikoloi le diteraka, boshodu ba dipalangwang, mme ho latella babelaellwa ba batlwang.

Karedi o boetse a re ho ile ha phenyekollwa batho ba 10 000 le dikoloi tse 4 820.

“Ho bile le batho ba 46 ba tshwerweng ka lebaka la ho ba le dibetsa tse kotsi, ba robedi ka ho ba le dithunya le tse phelang, ba 18 ba ho rekisa dithethefatsi, ba 26 batshwarwa ka ho hlasela, ba 17 tshwara ka ho tlatlapa, ba 62, ba bararo ba tlatlapa koloi, ba supileng ka peto, ba bararo ka polao; tse supileng bakeng sa diteko tsa polao, 62 bakeng sa boshodu, 38 bakeng sa ho kganna motho a tahilwe,” ho rialo Kareli.

“Ho ile ha fanwa ka lengolo la tumello ya ho tshwarwa bakeng sa babelaellwa ba batlwang ba 402 ka ditlolo tsa molao tse fapaneng, ho kenyeletswa le batho ba 85 ba se nang ditokomane. Mapolesa a ile a boela a tshwarwa batho nakong ya maeto a ho latela melao ya molao mabenkeleng a kgale le di-scrapyards.

“Ditabeng tseo ho fumanwe hore bakganni ba tlotse molao wa sephethephethe,” ho boletse Kareli.

Ntle le ho amoha dithethefatsi tse kang Nyaope, Crystal Meth, le Mandrax, dikoloi tse pedi tse utswitseng di ile tsa tshwrwa mme babelaellwa ba tshwarwa. Ho ile ha totobatswa haholo ho paterola ha mapolasi le ho emisa mme ho ile ha phenyekollwa batho le dikoloi tse belaetsang dibakeng tsa mahaeng.

Porofenseng ka bophara, seponesa se tla tswelapele ho etsa dithibelo tseleng, ho emisa le ho phenyekolla le ho eketsa ponahalo dibakeng tseo botlokotsebe bo leng ho tsona.

Maikemisetso a ditshebetso tsena ke ho netefatsa polokeho ya baahi ba Porofense ya Foreisetata mmoho le baeti.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights