- uThando: BQueen’s heartfelt Gospel song with a modern vibe - October 20, 2025
- School access dispute: march movement resists the basic education’s policy stance - October 17, 2025
- Unlocking financial success: The power of knowledge and professional advice - September 30, 2025
Palo ya basebeletsi ba setjhaba ba tshwarwang ka lehlakoreng le fosahetseng la molao e ntse e eketseha
ka boithatelo mona Aforika Borwa..
Ka la 27 Hlakubele diofisiri tse pedi tsa seponesa, Tsoloane Matthew’s Tsoloane (36), Tsediso Lawrence Matsaneng (36) le ofisiri ya Lekala la tsa Lehae la Melata, Emmanuel Sefobi (45) ba ile ba ema Lekgotleng la Maseterata la Ficksburg moo ba neng ba tjametsoe ke diqoso tsa bobodu le boshodu.
Sena se tla kamora hore ofisiri ya Immigration e nke ka boomo pasepoto ya boipelaetso ho Ficksburg border gate ka mabaka a hore e ne e sa sebetse.
Mmelaedi o ile a bolellwa ke leponesa le ofisiri ya tsa bojaki eo a neng a ka batla hape phasepoto ya hae bakeng sa
tefo ea R2500.
Mongongoregi o ile a phetha seo a neng a se kopile mme a ba fa tjhelete ho ya ka taelo ya bona ho hore a kgutlise phasepoto ya hae.
Baqosuwa ba bararo ba arolelane tjhelete ena.
Ho ya ka leponesa Fikiswa Matoti, Patlisiso e Tebileng ya Bobolu ya Bloemfontein sehlopha se ile sa hlokomediswa ka taba ena mme dipatlisiso tsa pele tsa qadiswa.
“Ka Moqebelo wa la 25 Hlakubele ba ile ba tshwarwa ka lebaka la ho tlola molao. Tjhelete e boleng ba R600, e ile ya fumanwa e na le e mong wa baqosuwa ba bararo” ho boletse Matoti.
Tsoloane, Matsaneng le Sebofi ba lokollotsoe motho ka mong ka beile ya R2000 mme nyewe ya bona e kgutliseditswe ho la 26 Mmesa bakeng sa dipatlisiso tse ding.







