- uThando: BQueen’s heartfelt Gospel song with a modern vibe - October 20, 2025
- School access dispute: march movement resists the basic education’s policy stance - October 17, 2025
- Unlocking financial success: The power of knowledge and professional advice - September 30, 2025
Ditlaleho tse mmalwa di bontshitsse hore di-ATM di ile tsa tlatlapelwa ka sekgahla seterekeng sa Thabo sa Mofutsanyana.
Banna ba bane ba ile ba hlahella lekgotleng la maobane motsheareng wa ma thapama bakeng sa diqoso tsa bona
ho kenya letsoho boshodung ba ATM.
Ho latela mokaptene Loraine Earle, nakong ya dipatlisiso tsa ditlolo tsa molao, Lekala la Botlokotsebe bo Tebileng le ba Merusu bo sebedisane le sehlopha sa FNB PCM Ka Laboraro la la 05 Phupu, ho ka tshwasa dinokwane tsena.
“Dihoreng tsa hoseng tsa Labone hoseng, sehlopha se ile sa fumana lesedi ka ka hore ATM e
Marquard e senyehile, ka mora ho nhlaselwla ke dinokwane,” ho rialo Earle.
“E ile ya kengwa mme babelaellwa ba baleha ba sa fumana ho kena ka bankeng, empa lemati le matla la tshepe le ne le se le kgaotswe,” Earle wa tlaleha.
Ka lebaka la thuso ya Lekala la Seponesa sa Ficksburg Visible Policing, babelaellwa ba ile ba bonwa sebakeng sa
tseleng ya R26 dipakeng tsa Clocolan le Ficksburg, banna bohle ba bane ba ile ba tshwarwa mme ba fumanwa ba e-na le thepa eo ba neng ba e hloka ho etsa tlōlo ya molao.
Maponesa a nkile sethunya sa 9mm, ditoche tse sehang, diphaephe, dithapo, di-cellphone, bakkie ya Isuzu, dilepe, dimaske, diea-le-moea tse pedi, diphadi le tjhelete.
Ho ya ka Eael babelaellwa ba tswa profenseng ya Mpumalanga le Gauteng, mme ke e amahanngwa le letoto la boshodu ba morao tjena Memel, Excelsior le Marquard, kaofela bo amang tshebediso ya ditoche tse sehang ho thuba di-ATM,” ho tlalehwa Earle.
Diqoso tse nne tsa boshodu ba kgwebo le ho ba le thepa ya boshodu di ile tsa behwa pepeneng lekgotleng la Mmaseterata wa Ficksburg.
Babelaellwa ba ile ba hlaha melatong ena e mene ya boshodu ba kgwebo hammoho le ho ba le
thepa ya boshodu Lekgotleng la Mmaseterata Ficksburg maobane ke Simphiwe Mthethwa (41),
Mike Mokoena (37), Mario Mashaba (49) le Khula Nicolas Ngogoto (53). Babelaellwa bana ba tla sala.
ditlamong ho fihlela la 19 Phupu 2023.



