Latest posts by Ntswaki Ncaphe (see all)
- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Lira o latotse bosehla hore o na le dikamano le mokga wa dipolotiki uMkhonto we Sizwe (MK).
O tshoseditse ka hore o tla qosa motho ya ntseng a sebedisa lebitso le dinepe tsa hae ntle le tumello ya hae mme a fana ka ditaba tsa leshano.
Sena se tla ka mora hore ho qhome dinepe tse bontshang a apere diaparo tsa MK marangrang.
Leqepheng la hae la X ( e neng e le Twitter) o ngotse hore, “ke lakatsa ho le netefaletsa hore ha ke na dikamano le mokga wa MK. Ha ke so ka ke o tshehetsa ebile ha ke setho sa wona.
Lesedi le fe kapa le fe le nkopanyang le wona le fosahetse mme ke ntse ke batla dikeletso tsa bo ramolao hore na nka etsa jwang kgahlano le tshebediso ya dinepe le lebitso laka ka ntle le tumello yaka”.




