Moqebi wa bese o lletswe ke ditshepe ka mora ho hlasela moithuti wa sekolo se Hoopstad, moo teng a ileng a otla moithuti le ho mo kgama.
Tlhaselo ya moithuti ya dilemo di 17 wa sekolo ke mokganni wa bese e eile ya nkuwa ka khamera ya selefouno mme e boetse e hapile tlhokomelo ya Lefapha la Thuto la Free State.
Ka Mantaha, wa la 30 Pherekhong 2023, hoo e ka bang ka hora ya bosupa (07h00) moithuti ya dilemo di 17 wa sekolo sa Hanover Farm School o ne a emetse bese e yang sekolong le baithuti ba bang seemelong sa dibese sa Oranjekuil farm Hoopstad.
Bese e ile ya fihla, ya ema mme mokganni wa bese a theoha mme o ne a tshwere lethathamo. A qala ho bitsa mabitso a baithuti ho fihlela a sala a le mong fatshe.
Yaba o etsa qeto ya ho kena ka beseng ho botsa mokganni wa bese hore na ke hobane’ng ha a ne a sa lokela ho sebedisa sepalangwang sa dibese tsa sekolo ho ya sekolong.
Kamoo ho bonahalang kateng, mokganni wa bese o ile a qala ho mo otla, ho mo raha le ho kgama moshanyana enwa.
O ile a leka ho itwanela empa a hlaselwa a ba a kgangwa hape ke mokganni wa bese. Qetellong moshanyana eo o ile a theoha bese ho ya tlalehela mmè wa hae ka ketsahalo eo e nyarosang.
“Nyewe ya tlhaselo e tlwaelehileng e ngodisitswe ke Hoopstad SAPS. Qoso e ile ya hlahlojwa ka mora ho buisana le balaodi ba botjhotjhisi ho latela bopaki bo botjha ka sekotwana sa video se shebilweng,” ho rialo Stephen Thakeng, mmuelli wa seponesa sa setereke Lejweleputswa.
“Ho latela ditaba tsena mokganni wa dibese ya dilemo di 56 o ile a tshwarwa ke Detective Constable Ndlovu ‘me o tobane le Common Assault and Attempted Murder,” Thakeng o boletse.
MEC wa thuto Foreisetata Tate Makgoe o kgalemetse ka matla tlhekefetso ya moithuti ke mokganni wa dibese tsa sekolo.
Makgoe a re o tenwa ke tlhekefetso ena ya mmele le maikutlo ya moithuti enwa le ba bang ba boneng ke tsahalo ena.
O boetse a tsitlallela hore mokganni wa dibese a thibelwe ruri ho sebetsa le bana.






