Babelaellwa ba babedi ba dilemo tse pakeng tsa 38 le 39 ba inehetse hoseng hona ho sehlopha sa dipatlisiso tsa di-Hawks mabapi le morero wa matsete wa bohata.
Sena setla ka mora mosebetsi o motelele wa maponesa le di-Hawks hoka fumana babelaellwa bana, bao ho tlalehang ba ile ba utswa tjhelete ekang R600 000.
Mmuelli wa di-Hawks profinsing ya Foreistata, mokaptene, Christopher Singo, o tlaleha hore ho ne ho sentse ho sena maqheka ao babelaellwa bana batlang ho a etsa, mme ntho e teng e ne le ho inehela.
Bahlaseduwa ba ile ba tsetela tjhelete ya bona morerong wa matsete wa bohata ka tshepiso ya ho kgutlisa tswala kamora matsatsi a mashome a mararo, 30.
Taba ena e ile ya tlalehelwa maponeseng, mme ya fetisitswa makgotleng a di-Hawks bakeng sa dipatlisiso tse ding.
Babelaellwa ba tla hlaha lekgotleng la dinyewe haufinyane.





