Kgweding e leng maphathephathe ya Tshitwe, motse wa Theunissen ese eleng ya ditoropo tseo eleng hore batho tlameha ba ba ele hloko ka ha setjhaba se ntse se lwantshana le ditlamorao tsa dipolao tse bohloko tse tharo tse siileng maqeba moeeng wa toropo ya Theunissen.
Pale e nyarosang e qadile ka la 3 Tshitwe, ha bophelo ba monna ya mahlahahlaha ya dilemo di 22 a bolawa ke dinokwane.
Dipatlisiso di senola pale ya bokgopo bo kopaneng, le batho ba bangata ba amehang, ho tshoha ha bona ho fana ka matshediso a fokolang ho setjhaba se hlomohileng se letetseng toka.
Ha nako ya mekete e ntse e atamela, tshepo e ile ya fela ka la 18 Tshitwe ha bophelo ba mosadi bo ne bo timetswa ka sehlōhō ke motho a le mong eo e neng a lokela ho ba setshabelo sa hae—e leng mohlankana.
Boipolelo ba hae bo tletseng dikgapha le boipiletso ba hae ba tshwarelo bo ntse bo utlwahala ka hara toropo, bo kopana le sello sa setjhaba se setseng se tsielehileng mme se utlwile bohloko.
Letsatsi feela hamorao, ka la 19 Thsitwe, moya o mong o ile wa kopana le qetello e bohloko. Dibakeng tse ka bophirimela tsa Theunissen, bophelo ba monna bo ile ba timetswa ke boshodu bo sa rerwang, diterata di se di silafaditswe ke maswabi a toropo e dika-dikeditsweng ke leqhubu la pefo le neng le sa lebellwa.
“Bohloko ba Theunissen bo hlakile, mme ha re ntse re paka diketsahalong tsena tse sithabetsang, ho na le boipiletso bo potlakileng ba bonngwe, kutlwelo-bohloko, le boikemisetso bo kopanetsweng ba ho rarolla disosa tsa pefo ena e senyang,” ho rialo mmuelli wa maponesa seterekeng sa Lejweleputswa Stephen Thakeng.
Kasi Voice News e eme ka bonngoe le Theunissen, e ikemiseditseng ho kgantsha dipale tsena tse amang pelo, ho hotetsa dipuisano tsa bohlokwa, le ho buella ka tieo bakeng sa toka ho sa tsotellehe maswabi a ke keng a nahanwa.






