Takatso ya feshene e dumella Nthoto Mokitimi (28) ho etsa hore ditoro tsa batho di phethahale le ho ba molao pososelo.
Puisanong ya hae le Kasi Voice News, Nthoto o bolelletse moqollotsi wa ditaba wa Kasi Voice News hore o bona eka feshene e mo kgethile hobane ke yona eo e fetotseng bophelo ba hae ka kotloloho.
“Ke qadile ho rōka ke le hae mme ka ithuta ho sebedisa motjhini o rokang ha ke ntse ke sebetsa VMO Solutions,” ho rialo Nthoto.
A tswela pele ka hore ho tseba ho sebedisa motjhini o rokang ho ile ha mo thusa ho ntshetsa pele mosebetsi wa hae le ho hodisa kgwebo ya hae e nyenyane.
“Maqalong a leeto la hae ka ho roka, Mokotimi o ne a se na motjhini wa ha roka, o ile a tshwanelwa ke ho kadima motjhini ho roka ho mokgotsi wa hae.
Keletso ya hae ho baetsi ba feshene ba batlang ho ipona ba roka le bona ke hore: “Ela hlooko matla a hao mme o ele le kole talente ya hao hobane ha o no tseba hore naa bokgoni bahao bo ho kae.”
Phihlello e kgolo ka ho fetisisa ya moqapi wa Welkom ya tswetseng, ke ho kgona ho itlhalosa ka meralo ya hae le ho ba bareki ba tshepang botle ba hae le ba mo dumellang hore a ba rale.
O ile a susumetswa ke batho ba atometseng haholo bophelong ba hae hore a iphumane a le mona, mme o re otlontshetsa pele atlente ya hae Afrika ka bophara.
Nakong e tlang, Nthoto o batla ho kgona ho fihlela bamamedi ba bangata le ho sebetsa mererong e meholwanyane jqalo ka moqapi wa feshene.
Rakgwebo a ka fumanwa ho Facebook: Nthoto Mokitimi kapa ka tsela e nngwe ho WhatsApp ho 081 059 3140.