Kopana le sebine se fodisang batho ka mmino wa sedumedi

Zanyiwe Comfort Alinah Mavimbela ya hlahetseng toropong ya Welkom, Free State, mme a holela Virginia le Kwazulu-Natal, ke sebine se hlwahlwa sa mmino wa sedumedi.

Dipuisanong le Kasi Voice News, Mavimbela o boletse hore o kgethilwe ke Modimo ho bina mmino ona wa sedumedi hobane o qadile ho bina a sa le monyenyane haholo. O tswetse pele ka hore  ha a bine fela ho thabisa batho, empa o rorisa  Mmupi ha a le sethaleng ebile a fana ka molaetsa wa lentswe la Modimo.

“Mosebetsi wa ka hore o atlehe ke bala lentswe la Modimo mme ke a rapela hore a nsebedise. Eo ke ntho e bohlokwa haholo ho nna le ha ke lokela ho ikwetlisa”, ho rialo Mavimbela.

Sebine sena sa mmino wa sedumedi se kene sekolo Dr Mngoma Primary School, a nto fetela Nanabolela Secondary School moo a  balletseng matiriki wa hae ka 2019. Mavimbela o ile a sitwa ho ntshetsa dithuto tsa hae pele hobane o ile a lahlehelwa ke nkgono wa hae le ba bang ba  lelapa la habo. Sena se ile sa mo ama haholo, hoo a ile a ba le kgatello ya maikutlo nako e ka bang dilemo tse pedi.

Hoya ka sebine, kgothatso ya hae e tswa ntate wa hae le tsela eo a etsang dintho ka yona. O re o dula a etsa bonnete ba hore o fumana tsohle tseo a dilabalabelang, mme o kenya Modimo mererong yohle ya hae.

Keletso ya Mavibela ho batjha ke hore, batho ba ikokobetse, ebile ba dumelle Modimo ho ba sebedisa mme ba hopole hore ntho e nngwe le e nngwe e na le nako. “Nako ke ya Modimo ebile motho o lokela ho ithuta ho amohela”.

O fihlelletse ho nka karolo ho Crosspower Sportlight Gospel, ene e hlophisitswe ke Jabu Hlongwane. Batswadi ba sebine sena se ratwang ke bona baeletsi ba hae ba baholo. Mavimbela o boletse hore le bona e ne ele dibini. Ba bang ba baeletsi ba hae ba kenyeelletsa Mamatlotlo Sennane le Kelebohile Moholo The Brand.

Mavimbela o kopane le phephetso tse ngata leetong la hae la mmino, mme a dihlola kaofela. Sebini sena sa mmino wa sedumedi se rata ho qala diprojeke tsa ho thusa bana ba sekolo le mahae a maqheku ka dijo, diaparo, dikobo le tse ding tse ngata.

Mvinmela o fumaneha ho Facebook: Mavimbela, Whatsapp: 063 423 0858 le TikTok: @zazcomfort

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights