‘Ka letlatlana’ e beha mmino wa Fredmane boemong bo hodimo naheng ya Botswana

Fredrick Bathusi Pheto (28) ya hlahetseng le ho holela motseng wa Thamaga, Botswana ke sethothokisi le sebini se hlwahlwa sa mmino wa Setswana se tsebahalang haholo ka lebitso la Fredmane.

O qadile mmino wa hae ka selemo sa 2018 mme o sebedisa dithothokiso dipineng tsa hae ele tsela ya ho natifisa mmino wa hae. O ntshitse letlapa la hae la pele le bitswang ‘Mmatla  sa Gagwe‘ ka selemo sa 2023 mme letlapeng lena ho na le pina ya hae e tsebahalang haholo ebile e bapalwang diyalemoyeng ‘Ka letlatlana’.

 “Ka letlatlana ke pina e buang ka ditaba tsa bosiu eo batho ba e ratang haholo, ke ne ke sa nahane hore e ka thabelwa ka tsela eo e thabelwang ka yona,” ho bolela Fredrick.

Selemong sena  o ntshitse letlapa la hae la bobedi le bitswang ‘Senkganang‘ le nang le dipina tse  9 tse kang Bontotonono, Tsimo ya me, Mosadi wame le tse ding.

Fredrick o re bothata bo boholo ke hore indasteri ya mmino Botswana ha e fumane tshehetso e ngata mme le dibini ka botsona ha ditshehetsane haholo.

“Bothata ke hore dibini tse ding di batla ho diha mesebetsi ya dibini tse ding le batho batla dintho tsa mahala ha ba batle ho lefella mesebetsi ya dibini,” ho rialo Fredrick.

O tswela pele ka hore mmino wa Botswana o ka hola ha batho bohle ba ka tshehetsa dibini le hoba fa sebaka sa ho bontsha ditalente tsa bona ntle le tshitiso ya letho.

Fredrick o re o rata hotla Afrika Borwa ka ha batshehetsi ba bang ba hae ba le hona teng mme a ka rata ho sebetsa le dipini tse kang Ntate Stunna, Wave Rhyder le Malome Vector.

O kopa batho ba tshehetse mmino wa hae ka ho momema meketeng ya bona e fapaneng le ka ho reka matlapa a hae .

Bohle ba ratang ho tshehetsa mmino wa Fredrick ba ka mofumana ho WhatsApp : +267 759 804 490 kapa Facebook: Fredmane, Soundcloud: https://on.soundcloud.com/cKhMj or YouTube: https://www.youtube.com/@fredmane19.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »