- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Sebapadi sa ditshwantsho se tummeng haholo, ebile se na le dikgau tse ngata, Brenda Ngxoli o re e kile ya e ba lehlatsipa la kgethollo ya mmala, nakong ya kgatiso ya tse ding tsa difilimi tseo a hlahellang ho tsona.
Ngxoli o re mosebetsi mmoho le yena e leng raditshwantsho David James, ya tsejwang haholo ka karolo ya Koobus Venter ya neng a e bapala ho District 9, o ile a mo bitsa ka lentswe la tlhaku ya ‘k’(kaffir) le sa dumellwang ho sebediswa mona Afrika Borwa.
Ngxoli o re sena se etsahetse nakong ya kgatiso ya filimi ya ‘Sew the winter to my skin’. O re o ile a tlaleha taba ena empa ha ho ha ka ha e ba le kgato e nkuwang.
“Ke kgona ho bua ka ketsahalo eo kajeno hobane ha ke a ka ka tekena tokomane e nthibelang ho bua (NDA).
Maqwetha a kgwebo eo ya kgatiso ha a ka a kgona ho nqobella. Le ho se patalwe haka hwa mpha kgatello. Ke patetswe ka mora dikgwedi tse ngata ntle le ho ba sala morao”o ngotse leqepheng la hae la Instagram.
O tswetse pele hore a ke ke a lenyaya la koloba kaha sena se ile sa etsahala ka pela batho ba bangata bao boholo ba bona e neng e le makgowa a ile a makalla ketsahalo eo haholo. Ebile sena se ile sa mo ama maikutlo haholo hoo a ileng itshela ka dikgapha letsheare leo kaofela.




