- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Sebohodi sa mehleng sa lenaneo la Sizok’thola Xolani Khumalo le bomphato ba hae ba ntse ba hatisa lenaneo le leng ka tlasa boikaketsi ba Sizok’thola hodima moo ba ntse ba tlola molao.
Mme Moja Love e re sibollotse sephiri sena ka mora ho fumana ditletlebo ho tswa ho The Consulate General of Nigeria le Embassy ya DRC ka baahi ba bona ba hlasetsweng nakong ya kgatiso.
“Re fumane ditletlebo ka diketsahalo tse sa thabiseng tse etsahetseng nakong ya kgatiso ho tswa ho The Consulate General of Nigeria le embassy ya DRC mabapi le baahi ba bona ba hlasetsweng nakong ya kgatiso.
Re rata ho lokisa ditaba, ka hore ha se thepa ya rona e ntseng e hatisa moo mme ka hona re a ikgula diketsahalong tseo”. Ho boletse Moja Love polelong eo ba e ntshitseng ka di 6 Mmesa.
Moja Love e kgaohane le Khumalo ngwahola ho latela ditletlebo le dipotso tse ileng tsa qhoma ka tsebo le ho ameha ha hae diketsahalong tse seng tsa molao, le diqoso tse hlolehileng ho etsahala tsa barekisi ba dithethefatsi ba tsebahalang le ditlokotsi tse ileng tsa hlaha dikgaolong tse ding tsa lenaneo.
Ka mora ho kgaola maqhama le Khumalo, Moja Love e ile ya phatlalatsa Xolani Maphanga e le sebohodi sa bona se setjha sa sehla sa boraro sa Sizok’thola bekeng tsa ho feta.
Ba tlaleha ha Khumalo a ntse a sebedisa thepa ya bona ya kelello e leng Sizok’thola mme ke tlolo ya molao ho etsa jwalo. Mme ba mo romelletse lengolo le mo thibelang ho tswelapele ebile ba re ba tlo etsa sohle se matleng a bona le molaong ho mo thibela ho tswelapele.
Kanale ena e re e tla kopana le The Consulate General of Nigeria le Embassy ya DRC ka potlako ho bua ka taba ena le ho ntsha lebitso la bona seretseng.





