Monna o llelwa ke di tshepe a le mosebetsing

Monna ya dilemo di 34 o lletswe ke ditshepe ka la 4 Mmesa 2024, ka mora ho tholwa ana le dithunya le di kulo tse seng molaong mane Mikro, Avenue Jan Cilliers Park, Welkom.

Ditho tsa Anti-Gang di fumane tshedimoso ho tswa ho emong wa baahi ya kgathatsehileng ka monna enwa ya nang le dithunya tse seng molaong.

“Tshedimisetso e na e ile ya shebisiswa ka la 4 Mmesa 2024, ka bo 10:49 hoseng mme monna ya boletsweng o ile a latwa moo a sebetsang teng ka hare ho teropo ke sepolesa mme sa leba le ena ha hae moo sepolesa se ileng sa kopa ho phenyaphenya ntlo ena ya monna enwa ya belaellwang,” Ho boletse mmuelli wa sepolesa wa Lejweleputswa Stephen Thakeng.

Thakeng o ntshetsa taba ena pele ka hore, nakong eo ditho di phatahaneng di phenyana le ntlo ena ba ile ba fumana dithunya tse pedi le di kulo tseo monna enwa a ileng a hloleha ho fana ka mangolo a tsona a semolao ho ba sepolesa.

Monna enwa ya dilemo di 34 o ile a tshwarelwa ho ba le sethunya sa “Norinco”seo nomoro ya sona ya bo itsibiso e hlakotsweng ha se seng sa “Browning” nomoro ya teng e ntse e hlahella mme se ile sa utswuwa mane Potchefstroom ka Lwetse 1994, makasini a mabedi le 21*9mm tse hlahletseng.

Di thunya tsena tse pedi ditla iswa ho hlahlojwa. Mmelaellwa o ntse a le tlasa ditlamo Welkom Police Station mme o lebelletswe ho hlaha ka pela nyewe le kgotla la dinyewe la Maseterata wa Welkom ka la 8 Mmesa 2024.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights