- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Ka la 19 Hlakubele 2024, lekgotla la dinyewe la setereke la Mangaung le lahletse monna tjhankaneng dilemo tse 15 ka mora ho beta moradi wa hae ya dilemo tse tsheletseng (6).
Monna enwa ya dilemo di 30 o ile a kopa lehlasipa ho mma lona ho motjhakela ka matsatsi a phomolo a keresemese, e le ho morekela diaparo tsa keresemese ka ha ke moradi wa hae, mma ngwana a fela a dumela ka ngwana tlasa ditumellano tsa hore o tla mo kgutlisa ka tsatsi leo ba dumellaneng ka lona, tsena tsohle di etsahetse dilemotse pedi tse fetileng, ka Tshitwe 2021.
“Mma ngwana o ile a ya moo ntata ngwana a dulang teng mane Bloemspruit empa a fumana “ntlo ere ono nnehileng” mme a tlaleha taba ena ka pele ka potlko sepoleseng,”ho boletse mmuelli wa sepolesa sa Mangaung Metro Thabo Covani.
Covani ha a tswella pele are nyewe ena e ile ya fetisetswa ho ba Mangaung Family Violence Child Protection and Sexual Offences Unit, mme ya tlohelwa diatleng tsa Seagent Evodia Maseko. Ofisisri ya dipatlisiso e ile ya kgona ho fumana monna enwa le Moradi wa hae mane Khayelisha.
Ngwana o ile a iswa ntlong ya bookelo e le ho lekolwa mme ho ile hwa netefatswa hore e fela monna enwa o betile moradi wa hae,” ho rialo Covani.
Prosecutor Jama o ile a tsamaisa nyewe ena mme monna enwa a lahlelwa tjhankaneng dilemo tse 15.



