- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Batho ba babedi ba fumanwe ba hlokatse ntlong engwe Universitas, Mangaung, ba e na le maqeba a dithunya ka la 13 Hlakola 2024.
“Re ile ra amohela tletlebo ya ho thungwa Universitas ntlong engwe ka bo 9:38pm.
Hofihleng ha rona sebakeng sa ketsahalo ditho di ile tsa hlodisa ka fenstere mme ba bona monna ya dilemo di 63 a robetse betheng a ena le leqeba pela tsebe ya lehlakore le letona mme ho ena le sethunya hona ka letsohong la hae le letona,”Hoboletse Thabo Covani yeo
eleng sebui sa Magaung Metro Police.
Covani a tswelletse pele are “Hokeneng ha ditho ka tlung ba ile fumana mosadi ya dilemo di
61 ka kitjhineng a enang le leqeba la kulo hlohong le amang a mabedi mmeleng.
Bafu batla phatlalwatswa hang hang ha baleloko ba se ba tsibisitswe,” ho eketsa Covani.
Nyewe ya lefu le satlwaelehang le polao e butswe mme dipatlisiso ditswella pele.





