Maponesa, Safer South Africa Foundation, le mekga ba kgothalletsa baithuti ho ba baahi ba bolokang molao

Virginia Saps, Safer South Africa Foundation, le mekga e meng e kgothaletsa baithuti ba dikolo tse phahameng ho ba baahi ba bolokang molao.

E le karolo ya selekane sa yona le Virginia SAPS, Lefapha la Thuto, Seponesa, Prisons Civil Rights Union (Popcru), Harmony Gold Mine, le Lefapha la Sephethephethe, Safer South Africa Foundation ba kopane le baithuti ka Laboraro la la 22 Pudungwana ho ba kgothaletsa ho ba baahi ba lokileng, ho latela molao, mme le be lerato la naha.

Ho ya ka sebueledi sa maponesa sa Lejweleputswa, Captain Stephen Thakeng, Riah Phiyega, moetapele wa Safer South Africa Foundation o ile a bua le baithuti ba Grade 8 le Grade 9.

“Ha a kwala o ile a leboha Seteishene sa Seponesa sa Virginia ka boiteko bohle ba bona ba ho atlehisa ketsahalo ena le thuso ya bona ho baithuti,” ho rialo Thakeng.

Thakeng o tlaleha hore baithuti le dibui tsa baeti ba ile ba fuwa disetifikeiti le matshwao a kananelo.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights