Sepheto sa dikgetho ntse se tswa hanyane hanyane se supa ha ANC e ka hapa Foreistata

Modulasetulo wa Komishene e ikemetseng ya dikgetho (IEC) Mosotho Moepya, o phatlaladitse mokgahlelo wa pele wa sepheto sa dikgetho mesong ya letsatsi lena.

MaAfrika Borwa a ile a tswa ka bongata ho ya kgetha dikgethong tsa bosupa ka mora tokoloho, ho kgetha boetapele ba naha mmoho le ba profense.

Profensing ya Foreistata ho se ho badilwe 7.5% ya sephetho mme ho qetilwe ho balwa diterekeng tse 119 ho tse 1586. Dikgetho tse phethahetseng di 98.87 mme tse senyehileng di 1.37%.

Ho bonahala ha ANC e ntse e tswelapele ho hapa dikarolong tse ngata tsa profense empa tsheetso e fokotsehile haholo. E itlhomme pele ka 50.09% e latelwe ke DA ka 22.89%, boemong ba boraro e be EFF ka 11.73%.

Boemong ba naha ho se ho badilwe 13. 45% ya sepheto mme ho qetilwe ho balwa diterekeng tse 3123 ho tse 23 293.

Dikgetho tse phethahetseng di 98.68 % ha tse senyehileng di le 1.32%.

Mme ho ya ka sepheto sa ha jwale, ANC e boemong ba pele ka 42. 49%, e latelwe ke DA ka 26.12% boemong ba bobedi mme boemong ba boraro ke EFF ka 8.40%.

IEC e re e na le matsatsi a supileng ho ka phatlalatsa sepheto sa dikgetho.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights