Thabo e fetoha maswabi: Ngaka Sello Maake kaNcube

Ka Moqebelo o fetileng wa di 20 Mmesa 2024, Sello Maake kaNcube ya motlotlo ka katleho ya hae o ile a ngola ho marangrang a dikgokahano tsa setjhaba ka diteboho, ka mora ho fuwa lengolo la bongaka la “Doctor of Philosophy in Business Administration”le motlotlang ho tswa ho yunivesithi ya Trinity International Bible.

Leqepheng la hae la X (e tsejwang ka hore ke Twitter) @sellomkn, Maake kaNcube o ile a qotsa lengolo la bibele ho tswa ho Esaia 43:2.

A tswelapele hore “Bona Modimo! Ke se ke le ngaka Sello Maake kaNcube jwale.

A ke le jwetseng motsheetsi waka, Pearl Mbewe Maake kaNcube hore ha a sa tsamaisana leeto lena la
bophelo le letlotlo la naha feela empa o sa tsamaya le ngaka e hlomphehileng”.

Thabo ya hae e ile ya fetoha maswabi ho ya ka SABC, ka mora hore letona la thuto e phahameng Blade Nzimande, a bontshe ngongoreho ya hae ka insititjhushene eo ya bokunyata e ntseng e aba mangolo a tlotla a bongaka dikgalaleng tsa Afrika Borwa.

“Yunivesithi ena ha e ya dumellwa ho fana ka mangolo a thuto kaha e sa ngodiswa e le mofani wa thuto e phahameng ya poraefete.

Re tlo shebana le mokgwa wa ho nka mohato kgahlano le bona”muelli wa letona Nzimande, Veli Mbele.

Ha e se Maake kaNcube feela a fumaneng tlotla ho tswa ho yunivesithi ena.Empa le dikgalala tse ding tse kang Winnie Mashaba, Elizabeth Serunye le Zwelinzima Vavi.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights