- SIU e fuwa matla a ho fuputsa diqoso masepaleng wa Moqhaka - April 13, 2024
- COPE gun for Mapisa-Nqakula resignationafter R2.3m bribe scandal - March 19, 2024
- SIU recovers close to R1bn in unallocated NSFAS funds from tertiary institutions - March 13, 2024
Seponesa sa Welkom se entse dipatlisiso ka sekgahla se seholo sa tshebediso ya dithetefatsi dikolong tsa Welkom maobane, kala 2 Phato.
Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokaptene Stephen Thakeng, o boletse hore seponesa se fumane matekwane baneng ba sekolo.
“Rele seponesa sa Welkom, re kopa thuso hotswa ho batswadi ka ho lekola mekotlana ya bana ba bona kgafetsa le pele ba ya dikolong,” ho bua Thakeng.
“E mong wa batswadi o ile a sheba ka hara mokotlana wa ngwana hae, mme a fumana sethunya se seng molaong. Moithuti enwa o ile a tshwarwa ke seponesa.
“Ho bonahetse hore baithuti ba sebedisa matekwane haholo dikolong, empa jwalo ka seponesa re tlo etsa bo nnete ba hore bana ba tshwarwa, ebile re etse dikolo di bolokehe ka ho hloka dithetefatse tsa mefuta yohle,” Thakeng wa qetella.






