- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Sebapadi sa ditshwantsho sa Skeem Saam, Sebasa Mogale ha mmoho le mohatsae Dorah ba lletswe ke ditshepe ka mora ditlaleho tsa hore ba entse boqhekanyetsi ba Bitcoin mme ba qhekanyeditse batho tjhelete tse ngata.
Ka selemo sa 2020, sebohodi sena sa mehleng sa Thobela FM, se ile sa tloswa moyeng ka mora ho bewa powaneng ke Carter Blanche ka hore o nkga lefotha boqhekanyetsing ba Bitcoin.
Ho ya ka ditlaleho tsa Jacaranda FM, Mogale le mohatsae ba hlahelletse ka pela lekgotla la dinyewe la mmaseterata wa Polokwane ka Labohlano, di 15 Hlakubele. Ba tobane le diqoso tsa boqhekanyetsi.

Ho tlalehwa ha Mogale a sebedisitse lenaneo la hae la seyalemoya ho SABC, ho hohela batho ho tsetela sekemeng sa hae se neng se bitswa, Mining City.
Boqhekanyetsi bona e sale bo qala ka 2020 mme ba tshepisa batho phaello e ngata e ileng ya hapa mahlatsipa a sa belaeleng letho ho tsetela tjhelete tse fapaneng tse ngata jwaloka R250 000.
Mmuelli wa sepolesa sa Limpopo Malesela Ledwaba o re hona le dinyewe tse fetang 10 tse butswing kgahlanong le Mogale le mohatsae, ba ileng ba tlalehela batho ba neng ba leka ho ntsha tjhelete tsa bona matseteng hore morero oo wa bona o putlame ka baka la sekgahla sa theko.
“Batho ba ne ba tsetela hobane e e ne e le sebohodi sa lenaneo le hlwahlwa se neng se ba jwetsa hore ba etse jwalo.
Mahlatsipa a kentse tjhelete bukaneng ya banka ya Altcoin trader, ba reka “mining packaging” tseo tse bolelwang tsa boleng ba ho tloha ho R6500 ho isa ho R253 000.
Bothata bo qadile ha ba ne ba leka ho ntsha tjhelete tsa bona. Ba ile ba elellwa hore dintlha tsa banka tseo ba di fuweng ha di sebetse.
Mahlatsipa a na ha a letsetsa Mogale ho mmotsa ka matsete a bona, o ile a ba jwetsa hore Mining City e putlame ka baka la sekgahla sa theko. Ho bolelang hore bo ramatsete ba lahlehetswe ke tjhelete tsa bona boqhekanyetsing boo.
Ba ile ba ikisa diofising, empa ka bomadimabe ba fumane di kwetswe le mehala e sa kene” ho boletse mmuelli wa sepolesa sa Limpopo, Malesela Ledwaba.
Mogale le mohatsae ba lokollotswe ka beile ya R10 000 motho ka mong mme ba tla boela ba kgutlela kgotla ka di 20 Motsheanong.
Ho lebelletswe hore dinyewe tse ding di bulwe kgahlanong le banyalani bana.





