Seponesa sa Odendaalsrus se ipelaetsa ho baahi ba Kutloanong ho tsoma babelaellwa ba bolaileng mosadi ya dilemo di 28, kgweding e fetileng ya Phato, polasing e haofinyana le Section 10.
Setopo sa mosadi enwa, se ile sa fumana se rapalletse fatshe mme, se kgaotswe mmetso, le diaparo tsa hae a neng a di apere dile pela setopo sa mofu.

Mmuelli wa seponesa mokaptene Stephen Thakeng o tlaleha hore maponesa a beile moputso wa R50 000 ho motho ya ka hlahisang maponesa leseding ka babelaellwa bana.
“Moputso wa tjhelete o tla fuwa motho leha e le ofe ya ka fanang ka boitsebiso bona,” Thakeng wa hlalosa.
Seponesa se ile sa tsebiswa ka ho sibollwa ha setopo sa mosadi ka la 31 Phato, hoo e ka bang ka 14:00.
“Maponesa a Odendaalsrus a ile a tsebiswa ka ketso ena, setopo se fumanwe ke moahi wa Kutloanong ya neng a phathahane a rema patsi,” ho rialo Thakeng.
“Setopo sa mosadi se sa tsejweng o ne a ena le lesale la lenyalo monwaneng, ldaparo tsa mofu di ne di hasane pela mofu mme mmetso wa hae o ne o kgaotswe,” ho tlaleha Thakeng.
Nyewe ya polao e ngodisitswe bakeng sa dipatlisiso tse ding.
Thakeng o re, “ha ho motho ya tlalehilweng hore o lahlehile mme re kopa mang kapa mang ya ka beng a lahlehetswe ke mong ka eena ho itlaleha maponeseng.”
Mang kapa mang ya nang le lesedi le lebisang ho beng ka bona le babelaellwa, o koptjwa ho founela sajene Seleke Mahloko wa Odendaalsrus Detective Services ho 082 301 2797.






