Maponesa a Welkom a tshwere monna ya dilemo di 38 ka mora hore a tholwe ka matekwane a boleng bo fetang R60 000.
Ho ya ka mmuelli wa maponesa seterekeng sa Lejweleputswa mokaptene Stephen Thakeng, maponesa a ne a phathahane ka mesebetsi ya bona ya tlwaelo ya ho lwantsha botlokotsebe motseng wa Welkom.
“Ba ile ba bona monna e mong wa moAfrika a ntse a tsubela matekwane Mosewawa Shopping complex, mme ba ile ba mo phenyekolla yaba ha ba qeta ba mo hloma ka dipotso, mnoo teng a ileng supisa maponesa moo a rekileng matekwane teng,” ho rialo Thakeng.
“Ntlo e Refide Crescent, Jan Cilliers Park e ile ya atamelwa mme monga teng a notlela lemati hore ditho tsa SAPS di se ke tsa kena ka tlung ya hae.
“Ho ile ha sebediswa matla hore ba kene, mme ha ditho di ntse di phenyekolla, ho ile ha fumanwa dilithara tse 41 tsa matekwane, bakete ya dilithara tse 20 e tshetseng matekwane a hlephileng, polasetiki ya dithōle tse tharo tse ntsho tse tshetseng matekwane le tjhelete e kang R380,” ho hlalosa Thakeng.
Theko e ne e le boima ba dikhilograma tse 14,1 ka boleng bo hakanyetswang ba R60 000.
Monna ya dilemo di 52 o ile a tshwarwa ka lebaka la ho rekisa matekwane, mme o tla hlaha ka la 12 Lwetse Lekgotleng la Maseterata la Welkom.