Molekane wa mehleng ollelwa ke ditshepe ka mora ho beta kgarebe e nyane dilemong

Ngwanana ya dilemong tse nyane o tlaleha ha mohlanka wa hae wa mehleng a mo betile ka makgetlo ka Laboraro, kala 19 Phupu, ho isa letsatsi le latelang, ka Labone hoseng. Mmelaellwa o tobane le nyewe ya peto.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, ngwanana e nwa o ne a ya sekolong ka Laborano hoseng ha a tla kopana le mohlanka wa hae wa mehleng.

“Ho bonahala ha mohlanka e nwa wa mehleng a ile a ba mabifi, ebile a hlalesa ngwanana enwa,” ho bolela Thakeng.

Ho thwe mohlankana e nwa o ile a qobella morwetsana hoya morung hoseng hoo. O ile a boela a qobella ngwanana e nwa ho hlobola le ho ya moo a dulang.

Ho fihleng ha bona bodulong ba mohlankana, mme wa hae o ile a ba leleka. Hona ho babike hore mohlankana a qobelle kgarebe ya hae ya mehleng atereseng e sa tsebisahaleng bodulong ba Nomzamo Park, Majwemasweu, Brandfort.

“Ngwanana enwa o tlaleha ha mohlanka wa hae wa mehleng a ile a mo beta le hoseng ho latelang ka Labone,” ho tsebisa Thakeng.

Monrwetsana o ile a kgona ho baleha ka mora ketsahalo ena mme nyewe ya peto ya bulwa seponeseng sa Brandfort.

Mmelaellwa ya dilemo di 23 o tshwerwe letsatsing lona leo ke lefokisi sajene Lebohang Digacoe wa sehlopha sa seponesa sa Bultfontein sa Tlhekefetso ya Malapa, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao tsa Thobalano.

Ka Mantaka wala 24 Phupu, mmelaellwa o tla hlaha ka pela makgotla a dinyewe a Brandfort.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights