Mmuso wa Foreisetata o qala ho tlosa marulelo a absestos matlong a 36 000 ho phatlalla le porofense

Tshebetso ya ho tlosa marulelo a asbestos matlong a fetang 36 000 porofenseng ya Foreisetata e se e kene letsholong, Kasi Voice News e hlahiseditswe leseng ke kantoro ya Tonakgolo porofenseng.

Morero ona oo ho hakanngwang hore o tla bitsa tjhelete e kaalo ka di bilione tse tharo (R3 billion) o qadile ka Mphalane ngwahola.

Matlo a ka bang 200 a se a tlositswe marulelo a asbestos.

Mookamedi wa morero Sam Baloyi o re, “Re lokela ho qala ka ho hlahloba boleng ba moya pele re tlosa asbestos, ho tseba hore na boemo ba pele ke bo fe mme karolo e latelang ke sehlopha se tlang ho tlosa thepa ya bona hobane ba bang ba kgomaretse haholo ebile ke maikutlo ho bona. Mme re etsa bonnete ba hore leano la rona la ho qhaqha le tiile.”

Letona le tshwereng lefapha la tsa bodulo, Toto Makume o re morero ona ke karabelo ya boipiletso ba Mopresidente Cyril Ramaphosa ba ho tsosolosa matlo a kgale.

“Re tlosa asbestos tsena ka ha di sa loka maphelong a batho ba borona.

“Ba bang ba bona ba kentse diboto tsa nakong e tlang mme ba entse qeto ya ho penta ntlo ho e etsa e ntjha. Kahoo, ana ke a mang a matsapa. Hona jwale, selemong sena sa ditjhelete, re tlilo ntjhafatsa (matlo) a 2 000 porofenseng ka bophara,” ho bolela Makume.

Ha re kgutlela morao ho projeke ya asbestos e hlōlehileng ya di milione tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano (R255 million) ya 2014, ho ile ho a ba na le manyofonyofo projekeng ena.

Mme babelaellwa ba18 ba tobane le letoto la diqoso tse kenyeletsang bomenemene, bobodu, le tshebediso e mpe ya tjhelete.

Babelaellwa ba kenyeletsa tonakgolo ya mehleng ya Foreisetata le Mongodi-Kakaretso wa mehleng wa ANC, Ace Magashule; Rakgwebo wa Limpopo, Edwin Sodi; Ramotse wa mehleng wa Mangaung Metro, Olly Mlamleli; HOD ya mehleng ya Lefapha la Bodulo ba Batho Foreisetata, Nthimotse Mokhesi; Motsamaisi wa Tsamaiso ya Phatlalatso ya Phano ya Boludo ya Batho, Mahlomola John Matlakala; rakgwebo ya dulang Gauteng, Johannesburg, Sello Joseph Radebe; rakgwebo wa Gauteng, Pretoria, Abel Kgotso Manyeki; Motsamaisikakaretso wa mehleng wa Lefapha la Naha la Bodulo ba Batho, Thabane Wiseman Zulu; le Albertus Venter, ya bileng le karolo kantorong ya Tonakgolo ya Foreisetata.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights