- Sepolesa se letsholong la ho batlana le mosadi ya lahlileng ngwana - August 21, 2024
- Lefapha la ditaba tsa selehae le lwantshana le bobodu ba dibukana tsa boitsebiso - August 20, 2024
- MK Party rolls out red carpet for Shivambu and Manyi after ditching EFF - August 15, 2024
Sedikadikwe sa boithabiso Afrika Borwa se aparetswe ke leru le letsho ka mora ho hlokahala ha sebapadi sa ditshwantsho se tummeng haholo Mpho Sebeng.
Ho ya ka mmuelli wa lelapa, Oupa Morake, lefu le kgaoleditse Sebeng kotsing e mpe ya koloi Potchestroom.
“Re le lelapa la ha Sebeng re maswabi ho netefatsa hore mora wa rona Mpho Sebeng o hlokahetse.
Mpho o hlokahelletse kotsing ya koloi Potchestroom, ka Sontaha sa di 5 Motsheanong 2024, hoseng.
Re ananela melaetsa ya matshediso e ntseng re e fumana empa re kopa ho fuwa sebaka sa ho thuisa
taba ena,” ho rialo Morake.
“Dintlha tse ding di tla tsebiswa ha nako e ntse e ya. Re kopa hore le nne le tswelepele ho beha lelapa la
Sebeng dithapelong tsa lona,” ho eketsa Morake.
Sebeng ya dilemo di 30,o ile a tsejwa haholo ka dikaralo tseo a di bapetseng ho Ring of lies, Collision, The Jakes are missing, Zero Tolerance le Soul Buddyz.
SABC mmoho le Netflix SA di ananetse karolo eo sebeng a e bapetseng sedikadikweng sa boithabiso Afrika Borwa mme ba fetiseditse melaetsa ya bona ya matshediso ho lelapa la Sebeng.
Ha jwale lelapa le kopile ho fuwa sebaka sa ho thuisa taba tsena mme ba re ditlha tse ding di tla tsebiswa ha nako e ntse e ya.





