Metswalle, balatedi ba utlwile bohloko haholo ka lefu la Teboho Letshaba

Ha ho pelaelo hore mofu Teboho Letshaba, o ne a e-na le masiba a tlotlehang kepising ya hae, mme mosebetsi wa hae, e bile ele o babatsehang o tla hopolwa ka ho sa feleng.

Letshaba ya neng a etelletse pele lekala la SABC la ditaba tsa moraorao ka bokgabane le ka tjantjello, o hlokahetse kamora ho kula nako e kgutshwane ka Labobedi la la 4 Mmesa.

Ho tlalehwa hore dikgweding tse mmalwa tse fetileng Letshaba o ne a lwana le lefu le sa bolelwang, ho latela metswalle ya lelapa e ileng ya bua ntle le tumello ya ho tsebahatsa.

Ho netefatsa lefu la hae, kgaso ya SABC News profenseng ya Foreistata, e boletse polelong ya setjhaba.

Letshaba ya neng a ena le dilemo tse mashome a mane (40), ya hlahetseng le ho hōdisetswa motseng wa Rammulotsi (Viljoenskroon), o ne a se a le ofising ya setsi sa kgaso Profenseng ya Foreistata.

O ne a tshwere maemo a mohlophisi wa profense ya Foreistata, a tshwere maemo a mang a bolaodi ka hara setsi sa kgaso (SABC).

“Letshaba o qetile dilemo tse leshome le metso e mehlano (15) a sebetsa e le moqolotsi wa ditaba ofising ya Mangaung, Bloemfontein ka 2008. E ne e le moqolotsi wa ditaba ya hlwahlwa, a phatlalatsa dtaba tse thata le dipapadi,” ho tlalehile kgaso ya SABC profenseng.

Ho tenyetseha ha Letshaba ho bonahetse ka ho nka karolo ho baleng ditsebiso tsa ditaba seyalemoyeng sa Lesedi FM ha mosebetsi o bitswa.

Tjheseho ya hae le boinehelo ba hae di ile tsa mo bona a putswa ka ho kgethelwa maemo a bolaodi boemong ba setsi sa kgaso. E ile ya e-ba assignment editor, mme ya eba hamamorao ya ba molaodi wa mananeo ho Motsweding FM.

O hlokahetse a ntse a phathahane ka lengolo la hae la PHD ho tsa molao.

Batho ba bangata le bao ba tsebang Letshaba ba bontshitse ho tshoha ha bona ka lefu la Letshaba ka melaetsa ya matshediso.

Mmathabo Thulo, eleng mookamedi wa morero wa kgatiso le dijithale ho Media Development and Diversity Agency (MDDA) o jwetsitse Kasi Voice News hore lefu la Letshaba le siile bohloko bo boiima pelong ya hae ka ha o ne a tseba Letshaba nako etelele.

“Ho bua nnete ke hloka mantsse, ha ke bua sebopeho ka bokokoibetso ba Monghadi Letshaba, ke hopola ka selemo sa 2007 ke ntse ke le moqolotsi wa ditaba,ke ile ka mo jwetsa hore o tlo ba professor, sena ke nakwana kamora hore a ngole buka ya moya, ka puo ya hae ya Sesotho, ke ile ka hlasimoloha,” ho rialo Thulo.

“Ka moo ke motsebang ka teng, o ne a sebetsa ka botsebi, ke ne ke sebeletsa koranta ya setjhaba ka nako eo mme Monghadi Letshaba le mmuso wa Profense ya North West. O ne a ratwa ke batho ba bangata lekaleng leo,” Thulo wa eketsa.

Rakgwebo ya tsebahalang mme ele motshehetsi wa basadi le batjha setjhabeng sa Lejweleputswa, Nobeni ‘Qza’ Monareng o re Profense ya Foreistata e lahlehetswe haholo.

“E ne e le monna ya ikokobeditseng, ya inehetseng, ya sebetsang ka thata. E mong wa banna ba molemo ka ho fetisisa o tla mo fumana a bala kapa a shebeletse bolo ka nako ya hae ebile e le motho ya hlwahlwa haholo, ya tsepamisitseng maikutlo haholo. A moya wa hae o robale ka kgotso,” ho rialo Monareng.

Mosebetsi mmoho ka nako etelele le Letshaba, eleng mmadi wa ditaba Lesedi FM, Mamello Lethoba, o re SABC Foreistata e lahlehetswe haholo mme Letshaba otla hopolwa ka nako tsohle.

“Monghadi Letshaba hape ba bang ba mobitsa Rastaman, kamoo a neng a tsejwa kateng, e ne e le mmadi ya tjhesehang, mme ya neng a ena le lerato la mosebetsi wahae lefapheng la ditaba le bolo ya maoto,” ho rialo Lethoba.

“Letshaba o ile a etella pele karolo ya SABC ya ditaba le ditaba tsa moraorao ka bokgabane le ka tjantjello re la hlehetswe e ele ka nnete,” ho boletse Lethoba.

Dintlha tsa sehopotso le tshebeletso ya lepato la hae di tla phatlalatswa ha nako e ntse e ya.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights