Maponesa a Virginia a batlana le sehlopha sa banna ba ka bang 15, bao ba ileng ba hlola balebedi ba tshireletso ka matla, mme ba baleha ka koporo e boleng ba R100 000.
Ho ya ka seponesa, babelaellwa ba ile ba fihla ba hlometse seteisheng sa pompo (pumping station), mme ba qobella maofisiri ana a neng a le mosebetsing moo teng ba ba tlameletsng matsoho le maoto pele ba baleha ka koporo.
Ketso ena e etsahetse mesong ya maobane, 15 Lwetse, horeng ya 3:35 am.
“Babelaellwa ba ile ba batla senotlolo sa seteishene sa pompo mme ba bang ba kgutlela kamoreng ya balebedi ho ya batla senotlolo,” seponesa sa hlalosa.
“Babelaellwa ba ile ba kgutlela seteisheneng sa pompo yaba ba seha mohala wa koporo ba sebedisa disakga tsa letsoho tsa tshepe,” e hlalositse ka botlalo polelo ya boraditaba
Ba bang ba balebedi, ba ile ba kgutlela kamoreng ya balebedi, mme ba bona mabone a koloi a sehlopha sa tshireletso a tla nngweng teng.
“Yaba ba thunya ka makgetlo a mararo ba lebile moo koloi e leng teng.
“Mehala ya diofisiri tsa tshireletso di ile tsa utsuwa. Babelaellwa ba leshome ba ne ba e-na le dithunya, mme ba bang ba bona ba ne ba bua puo ya isiXhosa le Sesotho ka puo ya Lesotho.
Bahlaseduwa ba ile ba kgona ho itokolla mme ba amana le seponesa (Reaction Team) se etsahetseng.
Nyewe ya tlatlapo le boshodu e butswi, mme babelwaellwa bana, ba batlwa ke seponesa.
Mang kapa mang ya nang le lesedi le ka thusang ho lateleng babelaellwa, o koptjwa ho letsetsa leponesa Thapelo Mkibitla wa Virginia Detective Services ho 072 0173 7606.






