Leshodu la sethuthuthu le tshwerwe pele monga sona a ka hlokomela

Sehlopha sa Welkom K9 ha mmoho le balebeledi ba masepala wa Matjhabeng, se sebediditse ka potlako ho tshwara mmelaellwa wa boshodu ba sethuthuthu Laboraro, kala 14 Phupjane.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa Lejweleputswa, mokapteni Stephen Thakeng, sehlopha sa Welkom K9 sa seponesa sene se etsa mosebetsi wa sona wa ho lwantsha botlokotsebe ka hara toropo ya Welkom ha setla hlokomela molebeledi a eme pela sethuthuthu, pela shopo ya dithuthuthu tseleng ya Janhofmayor.

“Dipatlisiso di supa ha banna ba babedi ba ile ba tsamaya ka sethuthuthu hodima seporo sa terene, empa ba se siya mme ba baleha ka maoto ha balebeledi ba masepala wa Matjhabeng ba leka ho bua le bona,” ho bolela Thakeng.

Balebeledi ba ile ba lelekisa babelaellwa bana mme ba tshwara a le mong, ebile ba mo nehela ho sehlopha sa seponesa sa Welkom K9.

Monna ya dilemo di 29 o ile a kopanywa le hoba e mong wa baneng ba baleha ka sethuthuthu seporong sa terene.

Monga sethuthuthu se utsuweng o ile a fumanwa hoba moahi wa seterata sa Koppie Allen, Welkom mme a tsoswa ebile a tsebiswa ka sethuthuthu sa hae se utsuweng ebile sese se fumanwe.

Monna enwa o ne a soka a hlokomela hore sethuthuthu sa hae se utsuwe. Ka mora ho tsebiswa ke seponesa, o ile a ngodisa nyewe ya pelaelo ya boshodu ba sethuthuthu, le boshodu ba sethuthuthu.

“Mmelaellwa o tla hlaha ka pela lekgotla la dinyewe la Welkom, Mantaha, kala 19 Phupjane,” Thakeng wa tsebisa.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights