Qabano ya bara ba motho, e qetella ka tshollo ya madi ya moholoane

Ho ile ha qhoma kgang pakeng tsa bara ba motho a le mong ha bantse ba hlwekisa ntlo Meloding, Virginia, moo teng, mora ya monyenyane a ileng a bolawa ka sehlooho ke abuti wa hae ka thipa.

Hoya ka mmuelli wa seponesa seterekeng sa maponesa sa Lejweleputswa Stephen Thakeng, maponesa a ile a potlakela motseng ona ka potlako ka mora ho hlaiswa leseding ka ketsahalo ena e nyarosang.

“Maponesa a Meloding a ile a arabela tletlebo ya bara ba neng ba lwana karolong ya Eureka Park e Meloding. Ha ba fihla, ho ya ka paki, ho ile ha qhoma kgang pakeng tsa bara bana mabapi le ho hlwekisa ha ntlo,” ho rialo Thakeng.

Monna ya dilemo di 34 o ile a hlaba ngwanabo ya dilemo di 30 habedi sefubeng sa hae ka sesebediswa se bohale.

“O ile a netefatsa hore o shwele lapeng la bona. Abuti e moholo, eo e leng mmelaellwa o ile a tshwarwa ka polao ke Nzuza Mathebula le Louis Botes ba seponesa sa Meloding.

Mmelaellwa o tla hlaha ka la 25 Mphalane lekgotleng la Maseterata, Virginia.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights