- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
 - Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
 - Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
 
Mosadi ya dilemo di 45 olletswe ke ditshepe ka la 8 Hlakubele, ka diqoso tsa bobodu nakong yeo di-Hawks dineng dile tshebetsong Welkom.
Moqusuwa o lokela ho iponahatsa ka pela lekgotla la dinyewe la maseterata wa Welkom kgetlo la pele ka di 11 Hlakubele 2024.
Mmuelli wa sepolesa sa Lejweleputswa Stephen Thakeng o re: “Mmasepala wa selehae wa Matjhabeng o ile wa mema setjhaba ho etsa kopo ya dikgeo tse teng tsa diofisiri kwetlisong ya sephethepethe.
Morwetsana ya dilemi di 20 o ile a thaba haholo ha a fumana mohala otswang ho mosadi yamo netefaletsang
hore o fumane kopo ya hae ya mosebetsi. 
Ho le jwalo a motshepisa hore a ka mofa mosebetsi o ha fela a ka siya boya terateng seka nku, mme boya e kaba R10 000,” ho boletse Thakeng.
Thakeng a nto tswela pela are, taba ena e ile ya tlalehwa ho ba diphuphutso tse tebileng tsa bobodu Welkom.
Ka la 8 Hlakubele ho elleng horeng ya borobedi, mmelaellwa o ile a nahana ho re ke nako ya hore kgomo etswe lebese mme alebeletse R10 000, hofihleng ha hae o fumane bo ramolao ba mo letetse.
“O ile a tshwarwa hanahang, mme re netefaditse hore moqosuwa hase mosebeletsi wa mmasepala hohang fela,” ho tlaleha Thakeng.




