- Griquas off to a Winning Start at Under-20 Women’s Rugby Week - October 7, 2025
- Qetellong: Kotlo ho majoro wa Matjhabeng ke hore a emelle ka thoko nakwana - July 23, 2024
- Springboks crash Portugal to claim outright victory in Bloemfontein - July 22, 2024
Ka la 16 Hlakubele 2024, morwetsana o ile a kgakgathwa ka selepe hloohong mane Stilte Park, Meloding ho ella horeng ya bone mantsibuya.
Ho fihleng ha mapolesa a Meloding ba ile ba fumana setopo sa morwetsana enwa ka hara letamo la madi se kwahetsweng ka kobo.
“Ba ditshebeletso tsa tshohanyetso ba ile ba paka hore e fela morwetsana enwa ya dilemo di 11 e leng Nthabiseng Motsoaosile ose a hlokahetse. Hone ho ena le ditho tse mmalwa tsa setjhaba mme ho ile ha buisanwa le ntata mofu ya ileng a netefatsa hore e fela mofu ke moradi wa hae,” ho boletse mmuelli wa sepolesa sa Lejweleputswa Stephen Thakeng.
Thakeng ha a tswella pele are baahi ba ile ba latela mmelaellwa moo aneng a ipatile teng mme ba mmolaya leena.
Ho netefaditswe hore mofu o hlokahaletse hona moo sebakeng sa ketsahalo.
Baahi ba lemoswa ka thata hose inkele molao matshong, feela baka isa babelaellwa sepoleseng e le hore ho etswe dipatlisiso tse felletseng.
Ho ntse ho foputswa dinyewe tsa polao tse pedi.
Mapolesa a ntse a batlana le babelaellwa ba bolaileng mmelaellwa mme mang kapa mang ya kabang le tsebo aka letsetsa nomorong ya Crime stop e latelang 08600 10111 kapa MySAPS App ntle le ho itsibisa.