Maponesa a nehelana ka dimpho ho maqheku a Allanridge ho keteka letsatsi la Nelson Mandela

Letsatsi la Nelson Mandela, 18 Phupu, le tsejwa e le letsatsi leo batho le mekgatlo e fapaneng ba nkang nako ya bona ya metsotso e 67 ho etsa ntho tse ntle setjhabeng.

Setsi sa Rehatammoho le Thembalethu Nursing Care, ditsi tsa maqheku Allanridge, di ile tsa hlohonolofatswa ka dimpho ke mekgahlo ya seponesa e a karetsang, Women’s Network and Men For Change, moo ba faneng ka dithuso tsa mantlha tse kang dijo tsa mefuta, dikobo, diikokotlelo le disalefo tse runyang mesifa.

Mmuelli wa seponesa sa Lejweleputswa, mokapotene Stephen Thakeng o boletse hore, baokamedi ba ditsi tseo ka bobedi ba ananetse dimpho tseo, mme ho ilwe ha fanwa le ka tlhaloso e kgutshwanyane ya nalane ya ditsi tseo.

“Menehelo ena e tswa dipokothong tsa Women’s Network and Men For Change ho pholletsa le diteishene tsa maponesa tse 20,” ho boletse Thakeng.

Nomakula Ntombela eo e leng ofisiri ya dikamano tsa setjhaba o khothaleditse batsamaisi ba ditsi ho tswela pele ho hlokomela maqheku hantle.

Mme a toboketsa hore maponesa ba tla batshehetsa moo ho kgonahalang, ho netefatsa hore maqheku a hlokomelwa hantle.

Share Kasi Voice News

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Translate »
Verified by MonsterInsights